Tsebiso ea Baphatlalatsi ea Bolebelli ba Likhetho ba Linaha tse Ikopantseng tsa Europe ea la 5 Tšitoe 2022

 

Bolebelli ba Likhetho ba Linaha tse Ikopantseng tsa Europe bo fana ka Tlaleho ea Mapomela mapapi le Likhetho tsa Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba tse bileng ka la 7 Mphalane 2022. Tlaleho ena e kenyellelitse le likhothaletso tse 21.

 

05.12.2022 Maseru

Bolebelli ba Likhetho ba Linaha tse Ikopantseng tsa Europe (European Union Election Observation Mission) (EU EOM) Lesotho bo fane ka tlaleho ea mapomela, e kenyelletsang le likhothaletso tse ‘maloa mabapi le Likhetho tsa Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba tse bileng ka la 7 Mphalane 2022. Molebelli ea ka Sehloohong Monghali Ignazio Corrao, eo e leng Setho sa Paramente ea Europe (European Parliament) o ile a totobatsa: “Letsatsi la likhetho le tsamaisitsoe hantle leha ho ne ho ena le likhaello tsa lichete le ho se hlake hoa melao e amanang le likhetho. Ele ho matlafatsa ts’ebetso ea likhetho tsa kamoso Lesotho, ho bohlokoa hore Komisi e Ikemetseng ea Likhetho (IEC) e fuoe boikemelo ba lichelete, bo nang le lipehelo tsa ponaletso le boikarabello. Ho nkoe mehato e matla ea ho hloekisa lenane la bakhethi le ho fana ka sekepele se utloahalang holima ts’ebeliso ea lichelete tsa ho iketa, ‘moho le ho nena ts’ebeliso ea thepa ea ‘muso bakeng sa ho iketa.”

Tlaleho ea Mapomela ea EU EOM ena le likhothaletso tse 21 ka kakaretso. Tlaleho ena e boetse ena le litlhahiso mabapi le ho matlafatsa boikemelo ba Lekhotla la Taolo ea Khaso le Bophatlalatsi (Lesotho Communications Authority) (LCA), ‘moho le ho kenya ts’ebetsong thuto ea sechaba ho sena khefu. Boholo ba likhothaletso tse fanoeng ke EU EOM li hloka phetolo ea melao hore litle li khone ho kenngoa ts’ebetsong.

Tlaleho ea Mapomela ea Borumuoa ke litholoana tsa bohlopholli bo akaretsang ba likhetho tsa Mphalane 2022 tsa Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba, ‘me bo kenyelletsa methati eohle ea ts’ebetso ea likhetho: maemo a lipolotiki, karolo e bapaloang ke bophatlalatsi le marang-rang a sechaba boiketong, ts’ebetso ea Komisi e Ikemetseng ea Likhetho (IEC), ha ‘moho le ho ikobela molao oa lehae le lipehelo tsa machaba le tikoloho mabapi le likhetho tsa puso ea sechaba ka sechaba.

Ha a qetella, Monghali Corrao o ile a bonts’a teboho ea hae ho mafapha ohle a amehang likhethong, le ba boholong naheng ea Lesotho ka ts’ebelisano ‘moho le EU EOM, ‘me a bonts’a hore: “Re ts’epa hore likhothaletso tsena litla tlatsetsa ts’ebetsong ea Lesotho ea tlhopho-bocha ea Molao oa Likhetho le Molao oa Motheo. Sena se kenyelletsa katleho e felletseng phumanong ea meoloane le mekhoa ea likhetho tsa puso ea sechaba ka sechaba e ipapisitseng le mehopolo ea sechaba sa Basotho. Karolo ea mantlha ea lipuisano tsa kamoso tsa Lesotho le EU EOM HQ LOCATION Str. Murat Mehmeti 1 – 3, Tophane 10000, Pristina website: Kosovo2021.eueom.eu – email: reception@eueomkosovo2021.eu – fb: @eueomkosovo2021

EU e tlabe ele ts’alo-morao ea likhothaletso tsa EU EOM 2022. EU e malala-a-laotsoe ho ts’ehetsa Lesotho ho kenya likhothaletso tsena ts’ebetsong.”

Tlaleho ea Mapomela ea EU EOM eka fumaneha marang-rang ho www.eomlesotho2022.eu and at www.database.eueom.eu .

Bakeng sa lipotso, kopana le:

Kimmo Räntilä, kimmo.rantila@eomlesotho2022.eu; +266 5865 8015

Matiisetso Mosala, press.assistant@eomlesotho2022.eu; +266 6393 0782

Bakeng sa lipotso, kopana le:

Kimmo Räntilä, kimmo.rantila@eomlesotho2022.eu; +266 5865 8015

Matiisetso Mosala, press.assistant@eomlesotho2022.eu; +266 6393 0782